Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:13 - BIBELE

13 Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:13
7 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle.


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo,


E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos