Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 18:14 - BIBELE

14 Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:14
18 Referencias Cruzadas  

Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.


Davida a nna a tswela pele ho matlafala, mme Morena Modimo wa mabotho, a ba le yena.


Morena a ba le Hesekiya, mme a atleha ho tsohle tseo a neng a di etsa. Yaba Hesekiya o fetohela kgosi ya Asiria, o hana ho e sebeletsa.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.


Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale,


Ke tla tsamaya ka hloko tseleng e lokileng; ekaba o tla tla neng ho nna? Ka tlung ya ka ke tla phela ka pelo e hlwekileng,


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.”


Morena a ba le Joshua, mme botumo ba hae ba aparela naha yohle.


Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe.


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.”


Ha Saule a bona hore Davida o a atleha, a mo tshaba le ho feta.


Ha boela ha qhoma ntwa. Davida a futuha, a lwantsha Bafilesita; a ba etsa mofela hoo ba bileng ba mmaleha.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos