1 Samuele 17:32 - BIBELE32 Davida a re ho Saule: “Ho se be le ya mong ya nyahamang pelo ka baka le Mofilesita enwa. Nna, mohlanka wa hao, ke tla ya, ke yo lwantsha Mofilesita enwa!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)32 Davida a re ho Saule: Ho se ke ha eba ya felang pelo ka baka la motho eo; mohlanka wa hao o tla ya, a lwane le Mofilesta eo. Ver Capítulo |
Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”