Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Davida a re ho Saule: Ho se ke ha eba ya felang pelo ka baka la motho eo; mohlanka wa hao o tla ya, a lwane le Mofilesta eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Davida a re ho Saule: “Ho se be le ya mong ya nyahamang pelo ka baka le Mofilesita enwa. Nna, mohlanka wa hao, ke tla ya, ke yo lwantsha Mofilesita enwa!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:32
12 Referencias Cruzadas  

Ha ke tshohe dikete tsa batho ba ntikileng ho ntwantsha.


Ereng ho ba dipelo di tshohileng: Betang pelo, le se ke la tshaba! Bonang, Modimo wa lona o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Modimo; o tla tla, o le boloke.


Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.


Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;


Jwale, nnee thaba ena eo Jehova a e boletseng mohlang oo; hobane o utlwile le wena mohlang oo hobane teng ho na le Baanake, hape ho na le metse ya metonana e marako; ha ekaba Jehova a ka ntlatsa, nka ba leleka, jwalokaha Jehova a boletse.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


Yare ha mantswe a buwang ke Davida a utlwahala, ba a pheta pela Saule, mme Saule a mmitsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos