Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:16 - BIBELE

16 Monghadi wa rona, ako laele hore rona bahlanka ba hao, ba nang le wena mona, re batle monna eo e leng seletsi sa sebele sa harepa, e le hore ha moya ona o ditshila, o tswang ho Modimo, o o fihlela, a tle a e letse, ebe o a hlaphohelwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ho le jwalo, monga rona, ako laele bahlanka ba hao ba leng pela hao, hore ba batle motho ya tsebang ho letsa harepa; etlere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o etla ho wena, o tla letsa ka letsoho la hae, mme o tla thuseha.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:16
10 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.


Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.


Ntlisetseng seletsi sa harepa!” Yare ha seletsi se ntse se letsa harepa ya sona, matla a Morena a theohela hodima Elisha,


“Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.


Jwale Moya wa Modimo o ne o se o tlohile ho Saule, mme moya o ditshila, o rometsweng ke Morena, o mo tshwenya.


Yaba bahlanka ba Saule ba re ho yena: “Bona, moya o ditshila, o tswang ho Morena, o a o tshwenya.


Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng monna ya tsebang ho letsa hantle, le mo tlise ho nna mona.”


Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.


Moya o mobe, o tswang ho Morena, wa theohela hodima Saule ha ntse a dutse ka tlung ya hae, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa harepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos