Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ho le jwalo, monga rona, ako laele bahlanka ba hao ba leng pela hao, hore ba batle motho ya tsebang ho letsa harepa; etlere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o etla ho wena, o tla letsa ka letsoho la hae, mme o tla thuseha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Monghadi wa rona, ako laele hore rona bahlanka ba hao, ba nang le wena mona, re batle monna eo e leng seletsi sa sebele sa harepa, e le hore ha moya ona o ditshila, o tswang ho Modimo, o o fihlela, a tle a e letse, ebe o a hlaphohelwa.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:16
10 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!


Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.


Bahlanka ba Saule ba re ho yena: Bona, moya o mobe o tswang ho Modimo o a o ferekanya.


Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng motho ya letsang hantle, le mo tlise ho nna.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos