Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:22 - BIBELE

22 Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ho le jwalo, tsatsing la ntwa, ha ho a ka ha fumanwa sabole leha e le lerumo matsohong a setjhaba kaofela se dutseng ho Saule le Jonathane, tsa fumanwa ho Saule le ho Jonathane, mora hae, feela.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:22
7 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?


Tefiso ya ho leotsa selepe le tsenene e ne e le silefera e etsang boima ba dikeramo tse ka bang nne, ya ho leotsa sekara le mohoma wa matsoho e ne e le tse ka bang robedi.


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos