Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ho le jwalo, tsatsing la ntwa, ha ho a ka ha fumanwa sabole leha e le lerumo matsohong a setjhaba kaofela se dutseng ho Saule le Jonathane, tsa fumanwa ho Saule le ho Jonathane, mora hae, feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:22
7 Referencias Cruzadas  

Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


Enere ha Baiseraele ba kgethile medimo e metjha, ke ha ntwa e tla hlaha dikgorong tsa metse. Hleka thebe, kapa lerumo, di ne di ka fumanwa ho Baiseraele ba kete tse mashome a mane na?


e le ha dikara tsa bona, le dikgarafu tsa bona, le mehoma ya bona, le dilepe tsa bona, di le botswa, leha ditsenene tsa bona di rata ho otlollwa.


Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.


Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos