Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:19 - BIBELE

19 Mehleng eo ho ne ho se na lelala le ka fumanwang naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesita ba ne ba re: “Baiseraele ba se tshohe ba iketsetsa disabole kapa marumo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mehleng eo, ho ne ho sa fumanwe lelala naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesta ba ne ba itse: Baheberu ba se ke ba iteela disabole leha e le marumo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:19
6 Referencias Cruzadas  

A thopa baahi bohle ba Jerusalema, le mahosana wohle, le bahlabani bohle, kaofela e le bathopuwa ba dikete tse leshome. A thopa le ditsebi tsohle tsa mesebetsi ya matsoho, le malala wohle, ha se ke ha sala le ya mong, haese mafutsana a naha eo.


“Ke nna ya bopileng lelala, lona le butswelang mashala sefuthelong, ebe le etsa hlomo tse loketseng mosebetsi wa tsona; le mosenyi ya senyang o bopilwe ke nna.


Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


Le ile la ngolwa hoba batho bana ba tlohe Jerusalema, e leng kgosi Koniya, le mofumahadi, le matona, le mahosana a Juda le a Jerusalema, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le malala.


Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?


Empa Baiseraele bohle ba ne ba ye ba ye ho Bafilesita, e mong le e mong a yo leotsa sekara sa hae, le sekele ya hae, le selepe sa hae, le peke ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos