Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mehleng eo, ho ne ho sa fumanwe lelala naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesta ba ne ba itse: Baheberu ba se ke ba iteela disabole leha e le marumo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Mehleng eo ho ne ho se na lelala le ka fumanwang naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesita ba ne ba re: “Baiseraele ba se tshohe ba iketsetsa disabole kapa marumo.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:19
6 Referencias Cruzadas  

A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.


Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Enere ha Baiseraele ba kgethile medimo e metjha, ke ha ntwa e tla hlaha dikgorong tsa metse. Hleka thebe, kapa lerumo, di ne di ka fumanwa ho Baiseraele ba kete tse mashome a mane na?


Ke kahoo Baiseraele bohle ba neng ba ntse ba eya ho Bafilesta, hore e mong le e mong a leotse sekara sa hae, leha e le mohoma wa hae, le selepe sa hae, le kgarafu ya hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos