Yaba mahosana wohle a fihla ho Jeremia, a a mmotsa, mme Jeremia a a araba ho ya kamoo kgosi e mmoleletseng kateng. Mahosana a kgutsa, kahobane ho ne ho se ya ileng a utlwa seo Jeremia a se buileng le kgosi.
Rangwana Saule a re ho yena le ho mohlanka wa hae: “Le ne le ile kae?” Saule a re ho yena: “Re ne re ilo batla ditonki, mme ha re bona re sa di fumane ra ya ho Samuele.”
Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.