Baholo kaofela ba tla ho Jeremia, mme ba mmotsa; yaba o ba bolella ditaba tseo tsohle, kamoo morena a mo laetseng kateng. Yaba ba ikgutsetsa, ba mo tlohela, hobane taba e ne e sa ka ya utluwa ke motho.
Rangwana a Saule a ba botsa yena le mohlankana wa hae, a re: Le ne le ile kae? A re: Re ne re ile ho batla diesele, ra mpa ra se ke ra di bona, ra ba ra ya ho Samuele.
Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.