Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:22 - BIBELE

22 Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 ho ba fokolang, ke ikentse ya fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke hape ba fokolang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke hape ba fokolang;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:22
12 Referencias Cruzadas  

mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona.


Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.


E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela.


Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.


E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.


jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe.


Wena mosadi, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa mosadi wa hao na?


Ka baka leo, haeba dijo di dihela ngwaneso sebeng, nke ke ka ja nama le ka mohla, hore ke se ke ka dihela ngwaneso sebeng.


Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.


Tsena tsohle ke di etsa ka baka la molaetsa o molemo, hore ke tle ke be le kabelo melemong ya wona.


Ha e mong a fokola, le nna ke a fokola; ha e mong a kgopiswa, le nna ke a kgopeha.


Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos