Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:21 - BIBELE

21 Hape, ho baditjhaba ba seng tlasa Molao wa Moshe, ke bile jwaloka ya seng tlasa Molao oo, hore ke tle ke hape ba seng tlasa wona. Hase ho re ha ke tlasa Molao wa Modimo, ke mpa ke le taolong ya molao wa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ho ba seng katlasa molao, ke ikentse ya seng katlasa molao, leha ke se ya se nang molao ka nqa ho Modimo, athe ke molaong wa Kreste, ke tle ke rue ba seng katlasa molao;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 ho ba se nang molao, ka ba jwaloka ya se nang molao, (ke se ya hlokang molao ho Modimo, empa ke le tlasa molao wa Kreste), ke tle ke hape ba seng molaong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 ho ba se nang molao, ka ba jwaloka ya se nang molao, (ke se ya hlokang molao ho Modimo, empa ke le tlasa molao wa Kreste), ke tle ke hape ba seng molaong.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:21
22 Referencias Cruzadas  

Ke tla matha tseleng ya melao ya hao, hobane wena o ntokolotse.


Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang:


Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba neela batho ba teng ditaelo tse beilweng ke baapostola le baholo ba leng Jerusalema, hore ba di boloke.


Ha e le baditjhaba ba dumetseng, re ile ra ba tsebisa ka lengolo qeto ya rona ya hore ba ile tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola.”


Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.


Ha baditjhaba ba sa tsebeng Molao wa Moshe, ba phetha ditaelo tsa Molao ka bobona, bona bao ba sa tsebeng Molao wa Moshe, molao wa bona ke bona ka sebele.


Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,


A ho lebohuwe Modimo ya re lokolotseng ka Jesu Kreste, Morena wa rona! Nna, ka bonna, ke sebeletsa Molao wa Modimo ka kelello feela, empa ka botho ke sebeletsa molao wa sebe.


Hona ho entse hore se batlwang ke Molao se tle se phethwe ke rona ba laolwang ke Moya, e seng ke botho.


A le ke le mpolelleng taba ena e le nngwe feela: Na le amohetse Moya wa Modimo ka ho phetha Molao, kapa ka ho dumela molaetsa oo le o utlwileng?


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos