Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:12 - BIBELE

12 E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ho nna tsohle di dumelehile, empa hase tsohle tse nang le molemo; ho nna tsohle di dumelehile, empa nke ke ka dumela ho buswa ke e nngwe ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Lintho tsohle li lumelloa ke molao ho ’na, empa hase lintho tsohle tse molemo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Lintho tsohle li lumelloa ke molao ho ’na, empa hase lintho tsohle tse molemo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:12
12 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.’ ”


Ka hona Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: “Ke Sabatha, mme ha ho dumellehe hore o nke diphate tsa hao.”


Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe.


Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.


Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise.


Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos