Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:13 - BIBELE

13 E mong hape o re: “Dijo di etseditswe mpa, le mpa e etseditswe dijo.” E, feela Modimo o tla di fedisa bobedi ba tsona. Empa mmele hase wa bohlola, ke wa Morena, mme Morena ke mongwa wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Dijo ke tsa mpa, le mpa ke ya dijo; empa Modimo o tla di fedisa hammoho le tsona. Jwale mmele ha se wa bohlola, empa ke wa Morena; le Morena bakeng sa mmele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Dijo ke tsa mpa, le mpa ke ya dijo; empa Modimo o tla di fedisa hammoho le tsona. Jwale mmele ha se wa bohlola, empa ke wa Morena; le Morena bakeng sa mmele.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:13
20 Referencias Cruzadas  

Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng?


Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”


hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.


Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”


Bo-ntata lona ba ile ba eja manna feelleng, empa ba eshwa.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.


Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho.


Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo.


Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?


Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale!


Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?


Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.


Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.


Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.


hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos