Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:19 - BIBELE

19 Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Athe ke se ke tla ya ho lona kapele, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng dipolelo tsa ba ikgantshitseng, empa e le matla a bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Empa ke tla tla ho lona haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng puo ya ba ikgohomosang, empa ke tla tseba matla a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa ke tla tla ho lona haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng puo ya ba ikgohomosang, empa ke tla tseba matla a bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:19
18 Referencias Cruzadas  

a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.


Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”


Yare ha a fetile dibakeng tseo, mme a kgothaditse batho ba teng ka puo e telele, a ya Gerike.


Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.


Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.


Nka thabela ha lona bohle le ka bua ka maleme asele, empa nka thabiswa haholo ke ha le porofeta. Ya porofetang ke motho wa bohlokwa ho feta ya buang ka leleme lesele, haese haeba yena a ka itlhalosa, e le hore phutheho e matlafale.


Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia.


Ha ke lakatse ho le fapohela feela ke feta, hobane ke ikemiseditse ho dula le lona nako e itseng, ha Morena a rata.


Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.


Ba bang ba ikgohomosa jwalokaha e ka ha ke sa tla le etela.


Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.


Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.


Ha ke rate ho bonahala eka ke le tshosa ka mangolo,


Ha Modimo a re dumella, re tla etsa jwalo.


Bakeng sa ho re: “Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hona kapa hane,”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos