Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:9 - BIBELE

9 Moya o nea e mong tumelo, athe wona Moya oo o nea e mong neo ya ho fodisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 E mong o fuwa tumelo ke wona Moya oo; e mong o fuwa ke Moya wona oo dineo tsa ho fodisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 E mong tumelo ka wona Moya oo; e mong dineo tsa phodiso ka wona Moya oo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 E mong tumelo ka wona Moya oo; e mong dineo tsa phodiso ka wona Moya oo;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:9
21 Referencias Cruzadas  

Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.


Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,


ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”


ba leleka bademona ba bangata, mme ba tlotsa bakudi ba bangata ka ole, ba ba fodisa.


le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’


a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang,


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.


Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.


Na bohle ba na le neo ya ho fodisa? Kapa bohle ke ba buang ka maleme asele? Kapa bohle ke ba hlalosang maleme ao?


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.


Empa Mangolo a re: “Ke dumetse, ka hona ke a bua.” Ka wona moya o jwalo wa tumelo le rona re a dumela, ka hona re a bua,


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos