Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 E mong tumelo ka wona Moya oo; e mong dineo tsa phodiso ka wona Moya oo;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 E mong o fuwa tumelo ke wona Moya oo; e mong o fuwa ke Moya wona oo dineo tsa ho fodisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Moya o nea e mong tumelo, athe wona Moya oo o nea e mong neo ya ho fodisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 E mong tumelo ka wona Moya oo; e mong dineo tsa phodiso ka wona Moya oo;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:9
21 Referencias Cruzadas  

Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.


Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.


Ba tla tshwara dinoha; mme leha ba nwele ntho e bolayang, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Ba leleka batemona ba bangata, ba tlotsa ba kulang ka oli, mme ba ba fodisa.


Le fodise ba kulang ba teng, le re ho bona: Mmuso wa Modimo o atametse ho lona.


A ba roma ho bolela tsa mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Hoo ba bileng ba ntshetsa ba kulang diterateng, ba ba bea diphateng le diphateng, hore Petrose ha a feta, e ka ba seriti sa ba bang ba bona.


Mme Modimo o behile ba bang ka phuthehong, pele baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba mehlolo, ho ntoo ba dineo tsa phodiso, le dithuso, le mebuso, le dipuopuo tse fapaneng.


Na bohle ba na le dineo tsa phodiso? Na bohle ba bua ka maleme? Na bohle baa hlalosa?


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke ka baka leo ke buileng; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re buang;


Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo;


Bao ka tumelo ba ileng ba hlola mebuso, ba sebetsa ho loka, ba fumana dipallo, ba thiba melomo ya ditau;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos