Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:16 - BIBELE

16 Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:16
12 Referencias Cruzadas  

Yaba ke nka lengolo leo la theko, le neng le tiisitswe ho ya ka molao le ka moetlo, hammoho le lengolo le neng le sa kwalwa.


Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo.


Ba nke, o itlhwekise le bona, o ba lefelle hore ba beolwe dihlooho. Bohle ba tla tseba hore ha ho letho ditabeng tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa le wena o ntse o tsamaya o bolokile Molao.


Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena.


Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.


Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena?


Kapa na ke rona le Baranabase feela ba tlamehileng ho sebetsa hore re iphedise?


Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos