Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:16
12 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsweng ka mokgwa wa teng le ka molao, le lona lengolo le phetlilweng;


Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.


O ye le bona, o itlhwekise le bona, o ba lefelle, ba tle ba beolwe dihlooho, bohle ba tle ba tsebe kahoo, hobane ha ho na letho la tseo ba di utlwileng o bolelwa ka tsona; ba tsebe hobane le wena o ntse o bolokile molao.


Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.


Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.


Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?


Kapa ke nna le Barnabase feela re se nang tokelo ya ho lesa ho sebetsa ka matsoho na?


Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos