Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, kahobane a fetohile a babang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Lebitso la naledi eo ke Lengana. Karolo ya boraro ya metsi ya baba jwaloka Lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ka baka la ho nwa metsi ana a mabe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana; mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, hobane a ne a fetohile baba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana; mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, hobane a ne a fetohile baba.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:11
17 Referencias Cruzadas  

Ba ba ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, kahobane a ne a baba; ke ka baka lena a reilweng bitso la Mara (ho baba).


Empa bofello ba taba tsa hae bo baba jwaloka lengana, bo hlaba jwaloka lerumo le mahale a mabedi.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa baporofeta bao: Bonang, ke ya ba jesa lengana, ke ba nose metsi a mahloko, hobane ka baporofeta ba Jerusalema bonyefodi bo hlile bo tswetse pele lefatsheng lohle.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.


Hopola bosenyehi ba ka le hloreho ya ka; ke lengana feela le mahlomola.


O mpatisitse ka motero, o nteetse hare ka mahloko le ka dikgathatso.


Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe;


Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,


Lefatsheng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse pedi tsa batho ba teng di tla kgaolwa, di timele, ya boraro e sa le teng.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Iponeleng ke hona hore kajeno ho se be monna hara lona, kapa mosadi, kapa ntlo, kapa leloko leo pelo tsa lona di ka fapohang Jehova, Modimo wa rona, ho ya sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, mme ho se ke ha eba ho lona motso o hlahisang bore le lengana.


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng. Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.


Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.


Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a seng a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le ngwaha, hore a tle a bolaye karolo ya boraro ya batho.


Mme ka ntho tse tharo tsena, mollo, mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona, karolo ya boraro ya batho ya eshwa.


Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos