Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 20:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ka bona lengeloi le theoha lehodimong, letsohong le tshwere senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso, le ketane ya tonana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yaba ke bona lengeloi le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa mohohlo, le ketane e kgolo letsohong la lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba ke bona lengeloi le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa mohohlo, le ketane e kgolo letsohong la lona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 20:1
8 Referencias Cruzadas  

Ba mo rapela, ba re, a se ke a ba laela ho ya sekoting.


Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;


Hape, o bolokile ditlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ya letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba wona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa wona.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru, le rwetse mookodi hloohong; sefahleho sa lona se ne se le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo;


Kamora tseo, ka bona lengeloi le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya lona.


La e akgela sekoting, la e kwalla teng, mme la tiisa hodima sona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, dilemo tse sekete di eso ho phethehe. Kamora tseo, e ka kgona e lokollelwe motsotso o se mokae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos