Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 20:1 - Baasraak Sotho NT

1 Yaba ke bona lengeloi le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa mohohlo, le ketane e kgolo letsohong la lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ka bona lengeloi le theoha lehodimong, letsohong le tshwere senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso, le ketane ya tonana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba ke bona lengeloi le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa mohohlo, le ketane e kgolo letsohong la lona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 20:1
8 Referencias Cruzadas  

Mme tsa mo rapela hore a se ke a di laela ho tswela bodibeng.


Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa qenehela mangeloi a entseng sebe, wa mpa wa a dihela diheleng, wa a neela mahlaahlela a lefifi, hore a bolokelwe kahlolo;


Le mangeloi a sa kang a boloka boemo ba wona ba pele, a mpa a tlohile tulong tsa wona, o a bolokile ditlamong tse sa feleng lefifing, ho isa kahlolo ya letsatsi le leholo.


Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla le theoha lehodimong, le apere leru, le rwetse mookodi hloohong, sefahleho sa lona e ka letsatsi, le maoto a lona e ka dipilara tsa mollo.


Kamora tseo, ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya hae.


La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos