Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 La re ho nna: E ka kgona o boele o porofete hodima ditjhaba, le mefuta, le dipuo, le marena a mangata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 A re ho nna: E ka kgona o boele o porofete merabe, le ditjhaba, le dipuo, le marena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 A re ho nna: E ka kgona o boele o porofete merabe, le ditjhaba, le dipuo, le marena.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 10:11
13 Referencias Cruzadas  

Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.


A re ho nna: Porofetela masapo ao, o re ho wona: Oho, masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Jehova!


Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.


Ka nka bukana letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme ya eba monate molomong wa ka jwaloka dinotshi; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ya ka ya baba.


Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.


Ba bang ba ditjhaba, le ba mefuta, le ba dipuo, le ba merabe, ba tla bona ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng; mme ba tla hana hore ditopo tsa tsona di patwe mabitleng.


Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;


Hape, ke marena a supileng. Ho se ho wele a mahlano, e mong o sa le teng, mme e mong ha a eso ho tle; etlare hobane a tle, o tla ba teng ho se hokae.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos