Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka nka bukana letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme ya eba monate molomong wa ka jwaloka dinotshi; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ya ka ya baba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ka nka buka e nyenyane letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi hanong la ka: mme hang ha ke e ja, mpa ya ka ya baba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka nka buka e nyenyane letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi hanong la ka: mme hang ha ke e ja, mpa ya ka ya baba.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 10:10
9 Referencias Cruzadas  

Nahano ya ka a e ke e o kgahlise. Ke tla etsa Jehova thabo ya ka.


Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.


di fetisa kgauta ka theko, le kgauta e ngata e tshekehileng, di fetisa le dinotshi ka monate, le tse rothang kgekgeng ya tsona.


Puo tse ntle ke lekgeha la dinotshi, di monate moyeng wa motho, di matlafatsa masapo a hae.


La e phutholla pela ka, e ngodilwe kahare le kantle, e ngodilwe dipobodi, le kodiyamalla, le difehelo.


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.


La re ho nna: E ka kgona o boele o porofete hodima ditjhaba, le mefuta, le dipuo, le marena a mangata.


Ka ya ho lengeloi leo, ka le bolella hore le mphe bukana. La re ho nna: Nka, mme o e metse; e tla baba maleng a hao, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos