Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 ya tiyang thutong ya nnete jwalokaha e rutilwe, a tle a lokele le ho kgothatsa ka thuto ya pholoho, le ho hlola bahanyetsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 A kgomarele molaetsa wa sebele, o dumellanang le tseo a di rutilweng. Ka hona a ka tseba ho kgothatsa ba bang ka thuto ya nnete, le ho nyatsa ba e hanyetsang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:9
24 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.


Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


Hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng ka matla a maholo, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.


Empa ekare ha bohle ba porofeta, leha ho ka kena motho ya sa dumelang, leha e le ya sa tsebeng, eba o kgodiswa ke bohle, mme o ahlolwa ke bohle.


Lekang tsohle; le tiise tse molemo.


Ka baka leo, banabeso, le eme le tiile, mme le tiise dipolelo tseo le di rutilweng, leha e le ka molomo, leha e le ka lengolo la rona.


le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


o ntse o bolokile tumelo le letswalo le letle, leo ba bang ba le lahlileng, tumelo ya bona ya ba ya senyeha jwaloka sekepe ha se timela.


Taba eo ke ya nnete, mme e tshwanelwa ke kamohelo yohle.


Ekare ha e mong a ruta thuto esele, mme a sa kgomarele dipolelo tse phedisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto e bapileng le borapedi,


O tiisetse mohlaleng wa ditaba tsa pholoho tseo o di utlwileng ho nna, tumelong le leratong le ho Jesu Kreste.


Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.


A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;


Empa haele wena, o eme ho tseo o ithutileng tsona, tseo o di tiiseditsweng, o ntse o tseba eo o ithutileng tsona ho yena;


Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;


bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.


Haele wena, o bolele tse lokelang thuto ya pholoho.


Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe.


Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.


Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao.


Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos