Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 ya tiyang thutong ya nnete jwalokaha e rutilwe, a tle a lokele le ho kgothatsa ka thuto ya pholoho, le ho hlola bahanyetsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 A kgomarele molaetsa wa sebele, o dumellanang le tseo a di rutilweng. Ka hona a ka tseba ho kgothatsa ba bang ka thuto ya nnete, le ho nyatsa ba e hanyetsang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:9
24 Referencias Cruzadas  

Hobane o ne a kgodisa Bajuda ka matla pontsheng, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.


Empa ha bohle ba porofeta, mme ho kena e mong ya sa dumelang, kapa ya sa rutehang, o tla kgodiseha ke bohle, mme o tla ahlolwa ke bohle.


Lekang lintho tsohle; ngangatlelang se molemo.


Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.


Ke dihlola, le ba itshilafatsang le batho, le mashodu, le batho ba leshano, le ba hlapanyeditseng ka bohata, le ha ho le ntho esele e hananang le thuto e phelang;


Polelo ena ke ya nnete, mme e lokelwa ke kamohelo yohle ya hore Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe; bao ke leng hlooho ya bona.


O tshegeditse tumelo le letswalo le le molemo; eo ba bang ba e lahlileng ka baka la tumelo, ba soahlamaneng le sekepe;


Polelo ena ke ya nnete, e lokelwang ke kamohelo yohle.


Ekare ha motho a ruta thuto esele, mme a sa dumellane le dipolelo tse phelisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya borapedi;


Tshwara ka mokgwa wa dipolelo tse phelang, tseo o di utlwileng ho nna, ka tumelo le leratong le ho Kreste Jesu.


Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.


O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;


Mme wena, o nne o nne mo dilong tse o di ithutileng, wa ba o di tlhomamisegile, ka o itse ba o di ithutileng mo go bone;


Hobane nako e tla tla eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho; empa ka ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokellela baruti ka ditakatso tsa bona;


Ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.


Empa wena, o bue tse tshwanelang thuto e phelang;


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


Empa seo le nang le sona le se kgomaretse ho fihlela ke fihla.


Bona, ke tla kapele: tshwara seo o nang le sona, hore ho se be motho ya nkang moqhaka wa hao.


Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos