Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 4:9
18 Referencias Cruzadas  

Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.


Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.


Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.


Lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.


bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.


Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos