Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 4:10
26 Referencias Cruzadas  

Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.


Nqalong ya bodulo ba hae o lemoha baahi ba lefatshe kaofela.


Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


hore le tle le anyeswe, le kgoriswe ke letswele la matshediso a hae, le tle le nwe ka nyakallo mononong wa kganya ya hae.


Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.


Hobane mahlo a ka a tadimile mekgwa yohle ya bona e se nang ho pateha pela ka, le bokgopo ba bona bo se nang ho apeswa pontsheng ya ka.


Dibopuwa di ne di ya di matha, di boye, di tshwana le tladi.


A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.


Eitse ha di qetile ho ja jwang bohle bo bong ba lefatshe, ka re: Oho Morena Jehova, tshwarela hle! Na Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Yaba ke re: Morena Jehova, tlohela hle! Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona?


Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.


Ke bona boporofeta ba boletsweng ke Jehova hodima lefatshe la Hadrake, mme bo tla dula hodima Damaseka, — hobane Jehova o qamaka batho bohle, jwalokaha a qamaka meloko yohle ya Iseraele;


Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.


Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.


Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo, mme a newa diterompeta tse supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos