Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, ke tla otla dipere tsohle ka tshoho le bakalli ka bohlanya, ke tutubollele mahlo a ka hodima ntlo ya Juda, dipere tsohle tsa ditjhaba ke di otle ka bofofu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Mohla tsatsi leo, ke tla tshosa pere e nngwe le e nngwe, ke hlantshe mopalami wa yona,” ho rialo Morena. “Ke tla ela sedi ba ntlo ya Juda, ebe ke foufatsa dipere tsohle tsa ditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:4
24 Referencias Cruzadas  

Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.


Yaba o romela dipere teng, le makoloi, le lekgotla le leholo; ba tsamaya le bosiu, ba ya teela motse hare.


Basiria ha ba etla ho yena, Elisha a rapela Jehova, a re: Otla setjhaba sena ka bofufu hle. A ba otla ka bofufu, ka polelo ya Elisha.


le mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng, o tla bea lebitso la hao ho yona; o mamele thapelo eo mohlanka wa hao a tla e bea nqalong ena.


Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!


Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


Mehleng eo, Jehova o tla otla makgotla a lehodimo, nqalong tse phahameng, le marena a lefatshe lefatsheng.


Jehova, sekeha ditsebe tsa hao, o mamele! Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone; o mamele mantswe wohle ao Sankeribe a a rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang ka wona.


Ke tla ba tadima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatsheng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya; ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla.


Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;


Tafoleng ya ka, le tla kgora dipere le tse bofshwang, diqhenqha le bohle banna ba ntwa: ho bolela Morena Jehova.


Sekeha tsebe, Modimo wa ka, o mamele! Tutuboloha, o tadime dithako tsa rona, le motse o bitswang ka lebitso la hao, hobane leha re bea dikopo tsa rona pela hao, ha re itshepise ka ho loka ha rona, empa e le ka mehauhelo ya hao e meholoholo.


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Ka tsatsi leo, dillo di tla ba kgolo Jerusalema, di be jwaloka dillo tsa Hadadrimmone, sekgutlong sa Megiddone.


Hape, ka tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba kaofela; bohle ba le emisang ba tla tswa kotsi, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla le bokanela.


Dihlooho tsa Juda di tla re pelong tsa tsona: Bao e leng matla a rona ke baahi ba Jerusalema, ka Jehova wa makgotla, Modimo wa bona.


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Mme kotlo ya pere, le ya mulete, le ya kamele le ya esele, le ya diphoofolo tsohle tse diahelong tseo, e tla ba jwalo; e be jwaloka kotlo eo.


Ke tla ema pela ntlo ya ka, ke e sirelletse sera, le ya yang, le ya kgutlang, mme mohlorisi ha a sa tla tsamaya hodima bona; hobane jwale, ke bone ka mahlo a ka.


Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.


Jehova o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka ho ferekanngwa ha pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos