Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hape, ka tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba kaofela; bohle ba le emisang ba tla tswa kotsi, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla le bokanela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:3
31 Referencias Cruzadas  

Hobane ditjhaba le mebuso e tlang ho hana ho o sebeletsa, e tla fela; ditjhaba tseo di tla senyeha hampe.


Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.


mme ke tla iphetetsa ka bohale le ka kgalefo hodima ditjhaba tse sa kang tsa utlwa.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.


Bona, nakong eo, ke tla ba le taba le bahlorisi ba hao kaofela, ke pholose se hlotsang, le se qhadilweng ke se bokelle, mme ke tla ba etsa ba roriswang le ba tumileng mafatsheng wohle, moo ba ileng ba hlajwa ke dihlong.


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


Ka tsatsi leo, dillo di tla ba kgolo Jerusalema, di be jwaloka dillo tsa Hadadrimmone, sekgutlong sa Megiddone.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, ke tla otla dipere tsohle ka tshoho le bakalli ka bohlanya, ke tutubollele mahlo a ka hodima ntlo ya Juda, dipere tsohle tsa ditjhaba ke di otle ka bofofu.


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Ka tsatsi leo, moferefere o moholo o tswang ho Jehova o tla ba teng hara bona, e mong le e mong a tshware letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele hodima letsoho la wa habo.


Ka tsatsi leo, lesedi le tla ba siyo, kganya ya dinaledi e fifatswe.


Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.


E mong le e mong ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha; mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.


Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos