Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 34:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke ana mabitso a banna bao: Bakeng sa leloko la Juda, Kalebe, mora Jefunne;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ana ke mabitso a banna bao: “Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune;

Ver Capítulo Copiar




Numere 34:19
15 Referencias Cruzadas  

A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.


Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;


Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.


Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;


lelokong la Juda, Kalebe, mora Jefunne;


Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.


Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,


Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Hape, le tla nka morena ka leloko le leng le le leng hore le arolelwe naha.


haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle.


Hlohonolofatso ya Juda ke ena: Moshe a re: Jehova, utlwa lentswe la Juda, o mo ise setjhabeng sa hae; matsoho a hae a mo lwanele, mme o be thuso ya hae ho lwantsha dira tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos