Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.
Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.
Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.’
“A hlohonolofatsa Juda, a re: “ ‘Morena, sekeha tsebe o e sekehele sello sa Juda, o mmusetse ho ba morabe wa hae, a itshireletse ka matsoho a hae, o be mathusetsa ho yena direng tsa hae.’