Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:6
17 Referencias Cruzadas  

Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.


mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.


Leha ho le jwalo, ba phehella ho hlwella qhoweng ya thaba; empa areka ya selekane sa Jehova ha e a ka ya tloha diahelong, le yena Moshe ha a ka a tloha.


Yaba hara diketekete tsa Iseraele ho kgethwa banna ba sekete ka leloko le leng le le leng; ke ho re, ha tswa banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi ba hlometseng.


Etlere ha le se le ya lwana, moprista a ke a atamele, a bue le setjhaba,


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,


Saule a re ho Akia: Atametsa areka ya Modimo. Hobane areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele mohlang oo.


Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.


Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos