Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 31:6 - BIBELE

6 Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:6
17 Referencias Cruzadas  

Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”


Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.


Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”


Empa ba nna ba pheella ho nyolohela tlhorong ya thaba, feela areka ya selekane, mmoho le yena Moshe, ya se ke ya tswa diahelong.


Kahoo ha ntshwa dikete tsa Baiseraele, sekete morabeng o mong le o mong, mme ya eba leshome le metso e mmedi la dikete tsa ba hlomeletseng ntwa.


“Ha le le lekgatheng la ho lwana, moprista o tla atamela, a bue le bahlabani,


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade.


Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele.


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos