Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:54 - Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Moshe le moprista Eleasare ba nka kgauta ya balaodi ba dikete le ya balaodi ba makgolo, mme ba e tlisa tenteng ya pokano, e tle e be kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

54 Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya balaodi ba ba dikete, le ya balaodi ba ba makgolo, ba e kenya ka Tenteng ya Morena, e le hore bana ba Iseraele ba nne ba hopole Morena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:54
12 Referencias Cruzadas  

mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao!


Ho ke ho tumiswe kgopolo ya lereko la hao le leholo, ho rokwe ho loka ha hao.


Ka baka leo, Jehova, ke tla o roka hara ditjhaba, ke rorise kganya ya lebitso la hao.


Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;


O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.


Haele meqhaka, e tla bewa tlung ya Jehova, e tle e be kgopotso ya Heleme, le ya Tobija, le ya Jedaia, le ya Hene mora Sofonia.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos