Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.
Haele kgapo, kantle ho dintho tse neng di nkilwe ke ba neng ba ile ntweng, e ne e le dikgutshwane tse dikete tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a supileng a metso e mehlano;
Boima ba kgauta yohle eo balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo ba e tliseditseng Jehova, ho etsa nyehelo e emiswang, ya eba dishekele tse dikete tse leshome le metso e tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.
Haele basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tsa motse, thepa yohle ya wona, o ikgapele tsona, mme o je thepa ya dira tsa hao, eo o e neilweng ke Jehova, Modimo wa hao.