Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O tla hlaba konyana e nngwe hosasa, e nngwe mantsiboya;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O tla nyehela ka konyana e le nngwe hoseng, konyana ya bobedi o nyehele ka yona ka phirimana.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:4
12 Referencias Cruzadas  

Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


hore ho yona ho nne ho hlahisetswe Jehova ditjheso aletareng ya mahlabelo, hosasa le mantsiboya, ka ho ya ka tsohle tse ngodilweng molaong wa Jehova, oo a o beetseng Iseraele.


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Ha a nyehela ka nku e tona, a hlahise sehlabelo sa hae pela Jehova;


Ere ho bona: Ke sena setjheso seo le tla se hlahisetsa Jehova: Ka tsatsi le leng le le leng le tla hlahisa dikonyana tse tona tse pedi tse se nang sekodi, tse lemo se le seng, e nne e be setjheso sa kamehla.


nyehelo e be ya boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng.


Le tla e etsa ka nako e beilweng, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi yona ena, ka nako ya mantsiboya; le tla e etsa ka ditaelo tsohle le ka melao yohle e beetsweng yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos