Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 28:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ere ho bona: Ke sena setjheso seo le tla se hlahisetsa Jehova: Ka tsatsi le leng le le leng le tla hlahisa dikonyana tse tona tse pedi tse se nang sekodi, tse lemo se le seng, e nne e be setjheso sa kamehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “O re ho bona: ‘Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:3
25 Referencias Cruzadas  

hore ho yona ho nne ho hlahisetswe Jehova ditjheso aletareng ya mahlabelo, hosasa le mantsiboya, ka ho ya ka tsohle tse ngodilweng molaong wa Jehova, oo a o beetseng Iseraele.


ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.


Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.


Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong.


la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa.


Yaba ke utlwa e mong wa bahalaledi a bua; mohalaledi e mong a araba ya buileng, a re: A makae matsatsi a badilweng ke pono eo bakeng sa sehlabelo sa kamehla, le bakeng sa sebe se senyang? Sehalalelo le makgotla a tla hlolwa, a hatakelwe ho isa kae?


Bara ba Aarone ba tla a tjhesetsa aletareng, hodima setjheso se seng se leng hodima patsi e beilweng mollong, e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Setjheso se tla sala leifong la aletare ka bosiu bohle ho isa hosasa, mme mollo aletareng o nne o sohleletswe.


Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.


Ke sona setjheso sa Sabatha, sa Sabatha e nngwe le e nngwe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.


Ho tla hlabelwa Jehova phooko, e be sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.


Le tla hlahisa mahlabelo ao, kantle ho setjheso sa hosasa, e leng setjheso sa kamehla.


Le tla a hlahisa ka tsatsi le leng le le leng, ka matsatsi a supileng, e be sejo sa sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Konyana tsa lona le tla kgetha tse se nang sekodi, mme le tla hlahisa le ditshelo tsa tsona.


O tla hlaba konyana e nngwe hosasa, e nngwe mantsiboya;


Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho sehlabelo sa dipheko le ho setjheso sa kamehla le ho nyehelo le ho ditshelo tsa tsona.


Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le ho nyehelo le tshelo.


Le tla hlahisa mahlabelo ao, kantle ho setjheso le ho nyehelo tsa kgwedi e nngwe le e nngwe, le ho setjheso sa kamehla le nyehelo, le ho ditshelo tse hlahiswang le tsona ka taelo e beilweng. Ke mahlabelo a tjheswang ka mollo, a monko o monate ho Jehova.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Ntho tseo, ha di ne di lokisitswe jwalo, baprista ba ne ba kena ka matsatsi wohle sebakeng sa pele sa tabernakele, ho etsa tsa tshebeletso ya Modimo teng;


Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos