Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu.

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:14
11 Referencias Cruzadas  

Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.


ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.


Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.


Yaba Balaame o re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme nna ke tla ya kgahlanyetsa Modimo mane.


Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.


Hlwella qhoweng ya Pisga, mme o ise mahlo nqa bophirimatsatsi, le nqa leboya, le nqa borwa, le nqa botjhabatsatsi, mme o bohe ka mahlo a hao; hobane haele Jordane eo, o ke ke wa ba wa e tshela.


Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,


hammoho le lehwatata lohle le mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi, ho isa Lewatleng la Lehwatata, tlasa Pisga.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos