Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:13
10 Referencias Cruzadas  

Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.


Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.


A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?


A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.


Jwale, Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, a tsoha, a lwantsha Iseraele, a romela le ho lata Balaame, mora Beore, hore a tle a le rohake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos