Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora wa hae. Arone a shwella hona moo hodima thaba. Jwale Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:28
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o laela balaodi bohle ba Iseraele ho thusa Salomone, mora wa hae, a re:


Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.


Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.


O tla hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, o di apese Eleasare, mora hae.


Ke moo Aarone a tla shwela teng, a orohe. Moshe a etsa tseo Jehova a mo laetseng tsona. Ba nyolohela thabeng ya Hore mahlong a phutheho kaofela.


Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe.


Ba tloha Hashmona, ba emisa Moserothe.


[Yaba bana ba Iseraele ba tloha Beerothe-Bene-Jaakane, ba ya Mosera; ke moo Aarone a shwetseng teng, a ba a patwa teng; mme Eleasare, mora wa hae, ya eba yena moprista tulong tsa hae.


Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.


Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Mme ke tla phehella hore, leha ke se ke tlohile, le nne le be le se ka le hopotsang taba tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos