Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 20:28 - BIBELE

28 Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora wa hae. Arone a shwella hona moo hodima thaba. Jwale Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:28
22 Referencias Cruzadas  

Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona:


Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.


Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.


Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.


Ha o fihla teng o hlobodise Arone diaparo tsa hae, o di apese Eleasare, mora wa hae. Arone yena o tla oroswa, a shwelle hona moo.”


Moshe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moo setjhaba sohle se ntseng se bona, ba nyolohela thabeng ya Hore.


Kamora hoba o e bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwaloka moholwane wa hao Arone,


Ha ba tloha Hashemona, ba ya hloma Moserote.


Bana ba Iseraele ba tsamaya, ba tloha Beerote-Bene-Jakane, ba leba Mosera, moo Arone a ileng a shwela teng, a ba a epelwa hona teng. Mora wa hae Eleasare ya eba moprista sebakeng sa ntatae.


Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime.


Hape ke tla leka kahohle hore, ha ke se ke faletse, le tle le nne le hopole dithuto tsena kamehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos