Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha Kadeshe, ya tla thabeng ya Hore.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Kadeshe, sa fihla thabeng ya Hore.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:22
10 Referencias Cruzadas  

Ka nqa borwa, ho leba nqa tlase, moedi o tla tloha Thamare ho isa metsing a Meribothe-Kadeshe, o ye le nokana, mme o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo. Ke oo moedi ka nqa borwa, ka nqa katlase.


Moedi wa Gade, ka nqa borwa, katlase, ke wona moedi; ho tloha Thamare, ho ya fihla metsing a Meriba-Kadeshe, moedi wa lefa o tla ya le nokana, o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo.


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.


Moshe ha a le Kadeshe, a romela manqosa ho morena wa Edomo, a re ho yena: Ho itswe ke ngwaneno Iseraele: O tseba mahlomola wohle ao re bileng le wona.


Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.


Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re:


Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore;


Ke ha le tla hlola Kadeshe tshiu tse ngata, e leng tshiu tseo le nnileng la di hlola teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos