Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:6
22 Referencias Cruzadas  

Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,


Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Yaba ba hahola diaparo tsa bona, mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae, ba kgutlela motseng.


Davida a eketsa a re ho Joabe le ho setjhaba sohle seo a nang le sona: Haholang diaparo tsa lona, le itlame matheka ka masela a mahwashe, mme le llele Abnere. Morena Davida a ya, a latela mojaro wa mofu.


Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


le Nune, mora hae, le Joshua, mora hae.


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.


lelokong la Juda, Kalebe, mora Jefunne;


lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;


Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.


Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.


ba bua le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba re: Lefatshe leo re le haotseng ho le hlwela ke lefatshe le letle, le letle haholo.


Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.


Jwale, moprista e moholo a hahola dikobo tsa hae, a re: Re sa batlelang dipaki?


Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,


Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos