Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:5
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:


Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?


Ka utlwa modumo wa dipolelo tsa hae; eitse ha ke utlwa modumo wa dipolelo tsa hae, ka idibana, ka wela fatshe ka sefahleho, mme sefahleho sa ka sa ama fatshe.


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Moshe eitse ha a utlwa taba eo, a itihela fatshe ka sefahleho.


Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.


Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.


Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


Yaba Jehova o re ho Joshua: Tsoha; o itabanyeditseng jwalo ka sefahleho?


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba ne ba wa ka mangwele pela ya dutseng teroneng, ba rapela ya phelang kamehla le mehla, mme ba ne ba akgela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Mme dibopuwa tse phelang tse nne tsa re: Amen! Mme baholo ba wa ka difahleho tsa bona, ba rapela.


Mme mangeloi kaofela a ne a eme a teetse terone, le baholo, le dibopuwa tse phelang tse nne hare; a ne a wa ka difahleho pela terone, a rapela Modimo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos