Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tshwarele bokgopo ba setjhaba sena ke hona, ka boholo ba mohau wa hao, kamoo o seng o ile wa tshwarela setjhaba sena kateng, ho tloha Egepeta, ho fihlela mona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ke a o rapela: ako tshwarele setjhaba sena bokgopo ba sona, ho ya ka mosa wa hao o moholo, jwalokaha o nnile wa se tshwarela ho tloha Egepeta ho fihlela jwale.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:19
23 Referencias Cruzadas  

o ke o mamele o le mahodimong, mme o leselle setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng bontata sona.


a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


o tlositse makgopo a setjhaba sa hao, o apesitse dibe tsohle tsa sona. (Sela.)


Jwale, hoja o ka ba tshwarela tshito ya bona! Ha ho se jwalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngodileng.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


Eitse ha di qetile ho ja jwang bohle bo bong ba lefatshe, ka re: Oho Morena Jehova, tshwarela hle! Na Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Yaba ke re: Morena Jehova, tlohela hle! Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.


A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos