Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 empa ha a re, ya molato o hloka molato; o otla bana ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo jwa batswadi ba bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 ‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:18
26 Referencias Cruzadas  

ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.


Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.


Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.


Hobane mohau wa hao o phahame hodimo ho mahodimo, mme nnete ya hao e fihla marung.


Makgopo a bontatae a ke a boele a fihle kelellong pela Jehova, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;


Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o hauhela haholo ho fetisisa.


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.


O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.


A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Jehova o dieha ho halefa, mme o tletse mohau; o tshwarela makgopo le kganyetso;


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


mme ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


o busetsang pontsheng ho ba o hloyang ka ho ba timetsa. Ha a diehe ho otla ya mo hloyang, a busetse ho eena pontsheng.


Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos