Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 “Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:38
10 Referencias Cruzadas  

Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.


A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


Ba kileng ba tiisa ka tiiso ya bona, ke Nehemia, mmusisi, mora Hakalia, le Tsedekia,


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.


Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos